Diketso
Khaolo 16:19-25
BIBELE e Halalelang
19Yare beng ba hae ha ba bona hobane ba senyehetswe ke tshepo ya ho rua, ba tshwara Pauluse le Silase, ba ba hulela kgotla pela babusi.
20Ba ba hlahisa pela baahlodi, ba re: Batho bao ba Bajuda ba ferekanya motse wa rona;
21ba ruta mekgwa eo re sa tshwaneleng ho e amohela, leha e le ho ya ka yona, kahobane re Baroma.
22Bongata jwa ba tsohela matla, mme baahlodi ba ba haholela diaparo, ba laela hore ba shapuwe.
23Eitse hobane ba ba ntshe maqeba a mangata, ba ba kenya teronkong, mme ba laela molebedi wa teronko ho ba lebela haholo.
24Eo, yare hobane a laelwe jwalo, a ba kenya teronkong e kahare, mme a patisa maoto a bona ka difate.
25Empa bosiu bo boholo, Pauluse le Silase ba ne ba rapela, ba binela Modimo difela; mme ba kwaletsweng le bona ba ne ba ba mamela.