Diketso
Khaolo 16:21-27
BIBELE e Halalelang
21ba ruta mekgwa eo re sa tshwaneleng ho e amohela, leha e le ho ya ka yona, kahobane re Baroma.
22Bongata jwa ba tsohela matla, mme baahlodi ba ba haholela diaparo, ba laela hore ba shapuwe.
23Eitse hobane ba ba ntshe maqeba a mangata, ba ba kenya teronkong, mme ba laela molebedi wa teronko ho ba lebela haholo.
24Eo, yare hobane a laelwe jwalo, a ba kenya teronkong e kahare, mme a patisa maoto a bona ka difate.
25Empa bosiu bo boholo, Pauluse le Silase ba ne ba rapela, ba binela Modimo difela; mme ba kwaletsweng le bona ba ne ba ba mamela.
26Mme hang tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng, metheo ya teronko ya ba ya sisinyeha; hanghang menyako kaofela ya bulwa, mme mahlaahlela a bohle a lokoloha.
27Yaba molebedi wa teronko o tsoha borokong, mme ha a bona menyako ya teronko e butswe, a pshemola sabole ya hae, a re o a ipolaya, ka ho re, ba tlamilweng ba balehile.