Diketso
Khaolo 16:27-33
BIBELE e Halalelang
27Yaba molebedi wa teronko o tsoha borokong, mme ha a bona menyako ya teronko e butswe, a pshemola sabole ya hae, a re o a ipolaya, ka ho re, ba tlamilweng ba balehile.
28Empa Pauluse a mo howeletsa ka lentswe le phahameng, a re: O se ke wa ipolaya, hobane re sa le mona kaofela.
29Eitse ha a kopile lebone, a mathela teng, a itihela maotong a Pauluse le Silase, a ntse a tlakasela.
30A ntoo ba ntshetsa ntle, a re: Benghadi, e ka kgona ke etse jwang ho bolokeha?
31Ba re: Dumela ho Morena Jesu Kreste, mme o tla bolokeha, wena le ba ntlo ya hao!
32Ba ntoo mmolella lentswe la Morena, le bohle ba neng ba le ka tlung ya hae.
33A ba nka ka yona nako eo ya bosiu, a hlatswa maqeba a bona, mme a kolobetswa kapele, yena le ba ntlo ya hae kaofela.