Diketso
Khaolo 16:3-9
BIBELE e Halalelang
3Pauluse a rata hoba a tsamaye le yena, a ba a mo nka, a mmolotsa ka baka la Bajuda ba neng ba le teng naheng tseo; hobane ba ne ba tseba kaofela hore ntatae ke Mogerike.
4Ha ba ntse ba eya le metse, ba ne ba laela baena ho boloka melao e beilweng ke baapostola le baholo ba Jerusalema.
5Dikereke di ne di itiisa tumelong, mme di ne di anafala ka matsatsi wohle.
6Eitse hobane ba ye le Frigia le naha ya Galatia, Moya o Halalelang wa ba hanela ho bolela lentswe la Modimo Asia.
7Yare ha ba fihla Misia, ba leka ho kena Bithinia; empa Moya wa Jesu o se ke wa ba dumella.
8Eitse hobane ba haole naha ya Misia, ba theohela Troase.
9Teng pono ya hlahela Pauluse bosiu: monna e mong wa Masedonia o ne a le teng, a eme pela hae, a mo rapela, a re: Tshelela Masedonia, o re thuse.