Diketso
Khaolo 16:31-37
BIBELE e Halalelang
31Ba re: Dumela ho Morena Jesu Kreste, mme o tla bolokeha, wena le ba ntlo ya hao!
32Ba ntoo mmolella lentswe la Morena, le bohle ba neng ba le ka tlung ya hae.
33A ba nka ka yona nako eo ya bosiu, a hlatswa maqeba a bona, mme a kolobetswa kapele, yena le ba ntlo ya hae kaofela.
34A ba isa ka tlung ya hae, a bea dijo pela bona, mme a thaba kahobane a dumetse ho Modimo hammoho le ba ntlo ya hae kaofela.
35Yare hobane bo se, babusi ba romela ho yena bahlanka ba bona, ba re: Lesa batho bao ba ikele.
36Molebedi wa teronko a bolella Pauluse taba eo, a re: Babusi ba rometse hore le leswe, le ikele; jwale, le ka tswa, la ikela ka kgotso.
37Empa Pauluse a re ho bona: Ba re shapile pontsheng, re eso ho ahlolwe, rona re leng Baroma, ba re kentse le teronkong; mme jwale ba rata ho re ntsha teng ka sephiring na? Ha ho se be jwalo; ho mpe ho tle bona ka sebele, ba re ntshe.