Diketso
Khaolo 16:35-40
BIBELE e Halalelang
35Yare hobane bo se, babusi ba romela ho yena bahlanka ba bona, ba re: Lesa batho bao ba ikele.
36Molebedi wa teronko a bolella Pauluse taba eo, a re: Babusi ba rometse hore le leswe, le ikele; jwale, le ka tswa, la ikela ka kgotso.
37Empa Pauluse a re ho bona: Ba re shapile pontsheng, re eso ho ahlolwe, rona re leng Baroma, ba re kentse le teronkong; mme jwale ba rata ho re ntsha teng ka sephiring na? Ha ho se be jwalo; ho mpe ho tle bona ka sebele, ba re ntshe.
38Bahlanka ba isa ditaba tseo ho babusi; mme bao, yare ha ba utlwa hoba ke Baroma, ba tshaba.
39Ba tla, ba ba rapela, mme eitse hobane ba ba ntshetse ntle, ba ba kopa hore ba tlohe motseng.
40Yare hobane ba tswe teronkong, ba ya ha Lidia, ba tshedisa baena; ba ntoo tloha.