Diketso
Khaolo 17:11-17
BIBELE e Halalelang
11Bao ba fetisa ba Thesalonika ka bokgabane, ba amohela lentswe ka tjheseho e kgolo, ba botsisisa Mangolo ka matsatsi wohle, ho tseba hore na ditaba tseo di jwalo ruri na?
12Ba bangata hara bona ba ba ba dumela, le basadi ba hlomphuwang ba Bagerike, le banna ba bangatanyana.
13Empa Bajuda ba Thesalonika, yare ha ba tseba hobane lentswe la Modimo le bolelwa le Berea ke Pauluse, ba tla le teng, ba ferekanya setjhaba.
14Yaba baena ba ntsha Pauluse kapele, jwaloka hoja ho uwa lewatleng, empa Silase le Timothea ba sala teng.
15Ba feleheditseng Pauluse ba mo fihlisa Athene; mme eitse hobane ba newe molaetsa o yang ho Silase le Timothea, o reng ba tle ho yena kapele, ba kgutla.
16Pauluse ha a ntse a ba lebeletse Athene, moya wa hae wa hlabeha, kahare ho yena, ha a bona motse o ineetse tshebeletso ya medimo ya ditshwantsho.
17O ne a fetolana sinagogeng le Bajuda le ba tshabang Modimo, a etsa jwalo le ka kgotla ka matsatsi wohle le bao a neng a teana le bona teng.