Diketso
Khaolo 17:16-22
BIBELE e Halalelang
16Pauluse ha a ntse a ba lebeletse Athene, moya wa hae wa hlabeha, kahare ho yena, ha a bona motse o ineetse tshebeletso ya medimo ya ditshwantsho.
17O ne a fetolana sinagogeng le Bajuda le ba tshabang Modimo, a etsa jwalo le ka kgotla ka matsatsi wohle le bao a neng a teana le bona teng.
18Yaba bafilosofe ba bang ba Baepikure le ba Bastoike ba fetolana le yena; ba bang ba ne ba re: Na mobuabui eo o reng? ba bang ba re: Eka o bolela medimo esele. E ne e le ka baka la hobane a ne a ba bolella Jesu le tsoho ya bafu.
19Ba mo isa Areopago, ba re: Na re ke ke ra tseba thuto eo e ntjha eo o e bolelang na?
20Hobane o tlisitse ditaba tse ding tse makatsang ditsebeng tsa rona; ke moo re ratang ho tseba hoba di reng?
21Jwale, haele Baathene kaofela, le basele ba ahileng teng, ba ne ba sa etse letho, haese ho bolela, kapa ho utlwa, ditaba tse hlahang.
22Yaba Pauluse o ema hara Areopago, a re: Banna ba Athene, ke lemohile hobane dinthong tsohle le batho ba hlanyetsang medimo ka ho fetisisa.