Diketso
Khaolo 17:4-10
BIBELE e Halalelang
4Ba bang hara bona ba dumela, ba kgomarela Pauluse le Silase, ba ena le bongata bo boholo ba Bagerike ba tshabang Modimo, le basadi ba hlomphuwang ba bangatanyana.
5Empa Bajuda ba sa dumelang ba eba mona, mme ba tla le banna ba bang ba bolotsana, ba thotsweng mapatlelong, ba iketsa sehlopha, ba ferekanya motse; ba patela ntlo ya Jasone, mme ba batla Pauluse le Silase, ho ba isa pela setjhaba.
6Ha ba sa ba fumane, ba hulela Jasone le baena ba bang pela babusi ba motse, ba howa, ba re: Batho bao ba ferekantseng lefatshe lohle, ba tlile le kwano;
7Jasone o ba amohetse, athe kaofela ha bona ba etsa tse lwantshanang le ditaelo tsa Sesare, ba re, morena e mong o teng, e leng Jesu.
8Yaba moo ba ferekanyang setjhaba le babusi ba motse ba utlwileng tseo.
9Empa yare hobane Jasone le ba bang ba itopolle ka tebeletso, ba ba lesa, ba ya.
10Empa bosiu, baena ba phakisa ba isa Pauluse le Silase Berea. Hobane ba fihle teng, ba kena sinagogeng ya Bajuda.