Diketso
Khaolo 19:18-24
BIBELE e Halalelang
18Ba bangata ba dumetseng ba tla, ba ipolela le ho pepesa diketso tsa bona.
19Le ba bangata ba neng ba tshepile ditaba tsa bonohe, ba tlisa dibuka tsa bona, ba di tjhesa pela bohle; ha ho lekanngwa theko ya tsona, ha fihlelwa hoba e lekane le ditjhelete tsa silefera tse dikete tse mashome a mahlano.
20Lentswe la Morena la nna la ata jwalo, la sebetsa ka matla.
21Kamora tseo, Pauluse a rera, ka kgopotso ya Moya, ho ya Jerusalema, ka tsela ya Masedonia le ya Akaea, a re: Etlare ha ke ile teng, e ka kgona ke bone le Roma.
22Yaba o romela Masedonia, ba babedi ho ba mo tlatsang, e le Timothea le Eraste; haele yena, a hlola Asia matsatsi a mang.
23Empa mehleng eo, moferefere o moholoholo wa hlaha bakeng sa Tsela ya Morena.
24Hobane setei se seng sa silefera, se bitswang Demetriuse, se sebetsang ditempelana tsa Diana tsa silefera, se ne se ruisa haholo ba sebetsang mosebetsi oo;