Diketso
Khaolo 19:2-8
BIBELE e Halalelang
2A re ho bona: Na le amohetse Moya o Halalelang, mohla le dumelang na? Yaba ba re ho yena: Ha re eso ho utlwe hore Moya o Halalelang o teng.
3A re ho bona: Le kolobeditswe ka kolobetso efe na? Ba re: Ka kolobetso ya Johanne.
4Pauluse a re: Efela Johanne o kolobeditse ka kolobetso ya pako, a bolella batho hore ba dumele ho ya tlang kamora hae, e leng Jesu Kreste.
5Eitse ha ba utlwa hoo, ba kolobetswa lebitsong la Morena Jesu.
6Yare ha Pauluse a ba beile matsoho, Moya o Halalelang wa tla hodima bona, ba bua dipuo, mme ba porofeta.
7Banna bao bohle e ne e batla ho ba ba leshome le metso e mmedi.
8Pauluse a kena sinagogeng, a bua a sa tshabe, a fetolana le Bajuda ka dikgwedi tse tharo, a ba kgodisa tabeng tsa mmuso wa Modimo.