Diketso
Khaolo 19:28-34
BIBELE e Halalelang
28Yare ha ba utlwa hoo, ba tlala bohale, ba howa, ba re: O moholo, Diana wa Baefese!
29Motse kaofela wa ba wa tlala moferefere; ba phallela theatereng hammoho hobane ba tshware Gaiuse le Aristarke, banna ba Masedonia, balekane ba Pauluse.
30Pauluse o ne a rata ho hlaha pela setjhaba, empa barutuwa ba mo thibela.
31Le ba baholo ba bang ba Asia, bao e leng metswalle ya hae, ba romela ho yena, ba rapela hore a se ke a hlaha theatereng.
32Haele batho, ba bang ba ne ba howa ka hore, ba bang ka hore; hobane e ne e le pokano e moferefere, mme bongata jwa bona bo ne bo sa tsebe seo bo se bokanetseng.
33Jwale ba ntsha Aleksandere hara bongata, a sutuletswa pele ke Bajuda; Aleksandere a hwehla ka letsoho, a rata ho ikarabela ho setjhaba.
34Empa yare ha ba bona hobane ke Mojuda, ba howa kaofela ka lentswe le le leng, ka hora tse batlileng ho ba pedi, ba re: O moholo Diana wa Baefese!