Diketso
Khaolo 19:33-39
BIBELE e Halalelang
33Jwale ba ntsha Aleksandere hara bongata, a sutuletswa pele ke Bajuda; Aleksandere a hwehla ka letsoho, a rata ho ikarabela ho setjhaba.
34Empa yare ha ba bona hobane ke Mojuda, ba howa kaofela ka lentswe le le leng, ka hora tse batlileng ho ba pedi, ba re: O moholo Diana wa Baefese!
35Yaba mongodi wa motse o kgutsisa bongata, a re: Banna ba Efese, ke ofe motho ya sa tsebeng hobane motse wa Baefese ke mmoloki wa tempele ya Diana, modimo o moholo, le wa setshwantsho sa hae se weleng ho Jupitere?
36Haele mona ditaba tseo di se na ho latolwa, e ka kgona le kgutse lerata, mme le se ke la etsa letho ka potlako.
37Hobane banna bao le ba tlisitse mona, athe hase banyefodi, leha e le basebi ba modimo wa lona.
38Ha ekaba Demetriuse le ba sebetsang le yena, ba ena le tseko le e mong, lekgotla le bulehile, le baahlodi ba teng; ha ba ke ba isane nyeweng.
39Ekare ha le ena le taba e nngwe eo le e tsekang, e ka ahlolwa phuthehong e nang le tshwanelo.