Diketso
Khaolo 19:9-15
BIBELE e Halalelang
9Ba bang ha ba ithatafatsa, mme ba hana ho dumela, ba nyatsa le tsela ya Morena pela bongata, a tloha ho bona, a kgetha barutuwa, a ntoo ruta ka matsatsi wohle sekolong sa e mong ya bitswang Tirano.
10Taba tseo tsa nna tsa eba jwalo ka dilemo tse pedi, bohle ba ahileng Asia ba ba ba utlwa lentswe la Morena Jesu, Bajuda le Bagerike.
11Modimo wa nna wa etsa mehlolo e makatsang ka matsoho a Pauluse.
12Esita dituku le masela a neng a amile mmele wa hae, a ne a bewa hodima ba kulang, mme malwetse a ne a ba tlohela, le meya e mebe e ne e tswa ho bona.
13Yaba Bajuda ba bang, e leng dingaka tse reng di ntsha batemona, tse sollang hohle, ba leka ho bitsa lebitso la Morena Jesu hodima ba kenweng ke meya e mebe, ba re: Re a le laela ka Jesu ya bolelwang ke Pauluse.
14Ba etsang hoo ba ne ba supile, e le bara ba Mojuda Skefa, moprista e moholo.
15Empa moya o mobe wa ba araba, wa re: Jesu, ke a mo tseba, ke tseba le Pauluse; empa lona, le bomang?