Diketso
Khaolo 2:15-21
BIBELE e Halalelang
15Batho bana ha ba tahwa jwalokaha le lekanya; etswe e sa le hora ya boraro ya letsatsi.
16Empa hona ke taba e neng e bolelwe ke moporofeta Joele, ha a re:
17Mehleng ya bofelo, ho bolela Modimo, ke tla tshela nama yohle ka Moya wa ka; bara ba lona le baradi ba lona ba tla porofeta; ba batjha ba lona ba tla bona dipono, mme maqheku a lona a tla lora ditoro.
18Mehleng eo, ke fela ke tla tshela bahlanka ba ka ba batona le ba batshehadi ka Moya wa ka, mme ba tla porofeta.
19Ke tla etsa mehlolo hodimo lehodimong, le meeka tlase lefatsheng, madi, le mollo, le mouwane wa mosi.
20Letsatsi le tla fetolwa lefifi, le kgwedi e fetolwe madi, tsatsi la Morena le leholo, le kganyang, le eso ho tle.
21Mme e mong le e mong ya tla rapela lebitso la Morena o tla bolokeha.