Diketso
Khaolo 2:2-8
BIBELE e Halalelang
2Jwale hang, ha utluwa modumo o tswang lehodimong, o kang wa moya o fokang ka sefefo; ntlo yohle eo ba dutseng ho yona ya tlala wona;
3maleme a arohaneng, a kang malakabe a mollo, a ba hlahela, a dula hodima e mong le e mong wa bona.
4Mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba qala ho bua ka dipuo disele, kamoo Moya o ba buisang kateng.
5Ho ne ho le Bajuda ba aheletseng Jerusalema, banna ba tshabang Modimo, ba tswang ditjhabeng tsohle tse tlasa lehodimo.
6Yare hobane modumo oo o utluwe, ha bokana batho ba bangata hammoho, mme ba tshoha, kahobane e mong le e mong a ne a ba utlwa ba bua puo e leng ya habo.
7Ba ne ba hlollwa bohle, ba makala, mme ba ne ba botsana, ba re: Bonang, bao ba buang na hase Bagalelea kaofela ha bona na?
8Ho ya kang ha re ba utlwa ba bua puo eo e mong le e mong wa rona a tswaletsweng ho yona?