Diketso
Khaolo 2:32-38
BIBELE e Halalelang
32Modimo o tsositse Jesu eo; mme rona kaofela re dipaki tsa taba eo.
33Eitse hobane a phahamisetswe letsohong le letona la Modimo, mme a nke pallo ya Moya o Halalelang ho Ntatae, o qhatsitse seo le se bonang, le se utlwang jwale.
34Hobane Davida ha a ka a nyolohela mahodimong, empa ke yena ya itseng: Morena o itse ho Morena wa ka: Dula ka letsohong la ka le letona,
35ke be ke bee bao e leng dira ho wena bonamelo ba maoto a hao.
36Ka baka leo, ntlo yohle ya Iseraele e ke e tsebe kannete, hobane Jesu eo le mo thakgisitseng, Modimo o mo entse Morena le Kreste.
37Eitse ha ba utlwa hoo, ba hlajwa dipelo, mme ba re ho Petrose le ho baapostola ba bang: Banna ba heso, re tla etsa jwang?
38Petrose a re ho bona: Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobeletswe ka lebitso la Jesu Kreste tshwarelong ya dibe, mme le tla nka neo ya Moya o Halalelang.