Diketso
Khaolo 2:41-47
BIBELE e Halalelang
41Yaba ba amohetseng polelo ya hae ka thabo ba kolobetswa, mme barutuwa ba ekeletswa tsatsing leo ka batho ba dikete tse batlileng ho ba tharo.
42Ba ne ba tiisetsa thutong ya baapostola, le kopanong ya boena, le ho ngwathweng ha bohobe, le merapelong.
43Tshabo ya wela batho bohle, mme mehlolo le meeka e mengata ya nna ya etswa ke baapostola.
44Bohle ba dumetseng ba ne ba dula hammoho; ba ne ba teanya dintho tsa bona kaofela hore e be tsa bohle.
45Ba ne ba rekisa ka masimo a bona le ka mesebetsi ya bona, mme ba ne ba abela, bohle, kamoo e mong le e mong a hlokang kateng.
46Ba ne ba tiisetsa tempeleng ka matsatsi wohle, ba le pelo e le nngwe; enereha ba etswa tlung e nngwe, ba ne ba kena ho e nngwe, ba ntse ba ngwatha bohobe; ba ne ba eja dijo tsa bona ka thabo le ka dipelo tse monate,
47ba boka Modimo, mme ba kgahlisa setjhaba kaofela. Mme Morena a nna eketsa kereke ka tsatsi le leng le le leng ka batho ba bolokehang.