Diketso
Khaolo 2:5-11
BIBELE e Halalelang
5Ho ne ho le Bajuda ba aheletseng Jerusalema, banna ba tshabang Modimo, ba tswang ditjhabeng tsohle tse tlasa lehodimo.
6Yare hobane modumo oo o utluwe, ha bokana batho ba bangata hammoho, mme ba tshoha, kahobane e mong le e mong a ne a ba utlwa ba bua puo e leng ya habo.
7Ba ne ba hlollwa bohle, ba makala, mme ba ne ba botsana, ba re: Bonang, bao ba buang na hase Bagalelea kaofela ha bona na?
8Ho ya kang ha re ba utlwa ba bua puo eo e mong le e mong wa rona a tswaletsweng ho yona?
9Rona bohle Bapartha, Bamede, Baelame, le ba ahileng Mesopotamia, le Judea, le le Kapadosia, le Ponto, le Asia,
10le Frigia, le Pamfilia, le Egepeta, le dinaha tsa Libia tse bapileng le Sirene, le ba jakileng Roma, kapa e leng Bajuda, kapa e leng baproselite;
11Bakreta, le Baarabia, kaofela ha rona re ba utlwa jwang ba bolela dimakatso tsa Modimo ka puo tsa rona?