Diketso
Khaolo 20:14-20
BIBELE e Halalelang
14Eitse hobane re boele re teane Asone, ra mo nka, ra ya le yena Mitilene.
15Ha re tloha teng ka sekepe, hosasane ra fihla mabapa le Kio; ka le hlahlamang ra tshwara lebopo la Samose; yare hobane re dule hanyenyane Trogillo, ka le hlahlamang ra fihla Mileta.
16Pauluse o ne a rerile ho feta Efese, a tle a se ke a dieha Asia; kahobane a ne a itlhahanetse, a tle a be Jerusalema ka tsatsi la Pentekonta, haekaba ho ka etswa jwalo.
17 Ha a se a le Mileta, a romela Efese ho ya bitsa baholo ba kereke.
18Eitse hobane ba fihle ho yena, a re ho bona: Le tseba mokgwa oo ke nnileng ka etsa ka wona hara lona, haesale ke fihla Asia;
19kamoo ke sebeleditseng Morena kateng, ka boikokobetso bohle, le ka meokgo e mengata, le ka meleko e ntlhahetseng ka baka la merero ya Bajuda;
20le kamoo ke sa kang ka pata taba kateng, leha e le nngwe, ya tse le tshwanelang; ke sa kang ka phetsa le ho le bolella le ho le ruta tsona pontsheng le ka matlung a lona;