Diketso
Khaolo 20:18-24
BIBELE e Halalelang
18Eitse hobane ba fihle ho yena, a re ho bona: Le tseba mokgwa oo ke nnileng ka etsa ka wona hara lona, haesale ke fihla Asia;
19kamoo ke sebeleditseng Morena kateng, ka boikokobetso bohle, le ka meokgo e mengata, le ka meleko e ntlhahetseng ka baka la merero ya Bajuda;
20le kamoo ke sa kang ka pata taba kateng, leha e le nngwe, ya tse le tshwanelang; ke sa kang ka phetsa le ho le bolella le ho le ruta tsona pontsheng le ka matlung a lona;
21ke ntse ke kgothaletsa Bajuda le Bagerike ho sokolohela ho Modimo, le ho dumela ho Jesu Kreste, Morena wa rona.
22Mme bonang, jwale, ke ya Jerusalema, ke tlamilwe ke Moya; empa ha ke tsebe ditaba tse tla ntlhahela teng;
23haese hobane, motseng o mong le o mong, Moya o Halalelang o ntse o nkomela hore ditlamo le dihloriso di ntebeletse.
24Empa ha ke re letho ka tsona, le bophelo ba kaha ke bo hlokomele, ke re, ke mpe ke qete leeto la ka ka thabo, le tshebetso eo ke e laetsweng ke Morena Jesu, e leng ho tiisa Evangeli ya mohau wa Modimo.