Diketso
Khaolo 20:35-38
BIBELE e Halalelang
35Ke le bontshitse nthong tsohle hobane ke ka ho sebetsa jwalo ho tshwanetsweng ho thuswa bafokodi, le ho elellwa taba ya Morena Jesu, eo a e boletseng ka sebele sa hae, ha a re: Ho nea ke leseho le fetisang la ho fuwa.
36Eitse hobane a bolele taba tseo, a kgumama ka mangwele, a rapela le bona bohle.
37Yaba ba tshwarwa bohle ke ho lla haholoholo; ba itihela molaleng wa Pauluse, ba mo aka.
38Haholo ba ne ba hlomohile ke taba eo a ba boleletseng yona, ha a itse, ba ke ke ba boela ba bona sefahleho sa hae. Mme ba mo felehetsa ho fihla sekepeng.