Diketso
Khaolo 21:13-19
BIBELE e Halalelang
13Pauluse a mpa a araba, a re: Le etsang ha le lla jwalo, le ho tepeletsa pelo ya ka? Athe ke itokiseditse, e seng ho tlangwa feela, empa e le le ho shwela lebitso la Morena Jesu Jerusalema.
14A hana ho kgodiswa ke rona, ra ba ra kgutsa, ra re: Ho etswe se ratwang ke Morena!
15Kamora ditshiu tseo, ha re se re itokisitse, ra nyolohela Jerusalema.
16Barutuwa ba bang ba Sesarea le bona ba ya le rona, ba re isa ha Mnasone, morutuwa wa kgale, ya tswang Sipera, eo re neng re tshwanetse ho fapohela ha hae.
17Eitse ha re fihla Jerusalema, baena ba re amohela ka thabo.
18Hosasane, Pauluse a ya le rona ha Jakobo; baholo bohle ba ne ba phuthehetse teng.
19Eitse hobane a ba dumedise, a ba phetela ka hlomahanyo tsohle tseo Modimo o di entseng ditjhabeng ka tshebetso ya hae.