Diketso
Khaolo 21:17-23
BIBELE e Halalelang
17Eitse ha re fihla Jerusalema, baena ba re amohela ka thabo.
18Hosasane, Pauluse a ya le rona ha Jakobo; baholo bohle ba ne ba phuthehetse teng.
19Eitse hobane a ba dumedise, a ba phetela ka hlomahanyo tsohle tseo Modimo o di entseng ditjhabeng ka tshebetso ya hae.
20Jwale, ha ba utlwa taba tseo, ba tlotlisa Morena; ba mpa ba re ho yena: Ngwaneso, o ka bona bongata ba dikete tsa Bajuda ba dumetseng; hape ba sa tjhesehela molao kaofela ha bona.
21Ba boleletswe, ho thwe, o ruta Bajuda bohle ba ditjhabeng ho kgaohana le Moshe, o re, ba se ke ba bolotsa bana ba bona, mme ba se ke ba ya ka mekgwa ya bona.
22Jwale, ho ka etswa jwang moo? Ruri bongata bo tla phutheha; hobane ba tla utlwa hoba o fihlile.
23Ako etse hle seo re ya o bolella sona: Mona re na le banna ba bane ba itlamileng ka kano.