Diketso
Khaolo 21:30-36
BIBELE e Halalelang
30Yaba motse kaofela o a ferekana; batho ba phallela hammoho; ba tshwara Pauluse, ba mo hulela kantle ho tempele, ba ntoo kwala menyako kapele.
31Eitse ha ba batla ho mmolaya, molaodi wa lekgotla la sekete a bolellwa hore Jerusalema kaofela o ferekane.
32A phakisa a tla le bahlabani le balaodi ba makgolo, a theohela ho bona; mme eitse ha ba bona molaodi wa sekete le bahlabani, ba lesa ho otla Pauluse.
33Yaba molaodi wa sekete o atamela, a mo tshwara, a laela hore a tlangwe ka mahlaahlela a mabedi; a ntoo botsa hobane ke mang, le hoba seo a se entseng keng?
34Empa ba bang ba ne ba howa ka hore, ba bang ka hore hara bongata. Mme ka hobane a ne a sitwa ho fihlela nnete ka baka la lerata, a laela hore a iswe qhobosheaneng.
35Eitse ha a fihla methating, o ne a hlile a jerwe ke bahlabani ka baka la matla a bongata.
36Hobane bongata jwa batho bo ne bo mo latela, bo ntse bo howa, bo re: A a bolawe!