Diketso
Khaolo 21:4-10
BIBELE e Halalelang
4Mme kahobane re ne re fumane barutuwa teng, ra hlola moo matsatsi a supileng; mme bona ba bolella Pauluse ka Moya, hore a se ke a nyolohela Jerusalema.
5Ha re se re qetile matsatsi ao, ra tloha, ra tsamaya; ha e le bona ba re felehetsa bohle ho fihlela kantle ho motse, ba ena le basadi ba bona le bana; ra kgumama ka mangwele lebopong, ra rapela,
6ra dumedisana, ra ntoo kena sekepeng; yaba bona ba kgutlela hae.
7Yare hobane re tswe Tire, ra kena Ptolemaise, moo leeto la rona la sekepe le feletseng teng; yaba re dumedisa baena, ra hlola tsatsi le le leng le bona.
8Hosasane, ra tloha, mme ra fihla Sesarea; ra kena tlung ya Filipi, moevangeli, eo e neng e le e mong wa ba supileng, mme ra dula ha hae.
9O ne a ena le baradi ba bane, barwetsana ba porofetang.
10Yare ha re hlotse teng matsatsi a mang, moporofeta e mong, ya bitswang Agabuse, a fihla a etswa Judea.