Diketso
Khaolo 22:15-21
BIBELE e Halalelang
15Hobane o tla ba paki ya hae pela batho bohle, ho tiisa tseo o di boneng, le tseo o di utlwileng.
16Mme jwale, o diehetseng? Ema, o kolobetswe, mme o hlatsuwe dibe tsa hao, ka ho rapela lebitso la Morena.
17Yare mohla ke kgutletseng Jerusalema, ha ke ntse ke rapela tempeleng, ka hapuwa ke Moya.
18Ka bona Morena a mpolella, a re: Phakisa o tlohe Jerusalema kapele; hobane ba ke ke ba amohela polelo eo o mpolelang ka yona.
19Ka re: Morena, ba tseba haholo hobane ke nna ya neng a kenya teronkong, a shapa le masinagogeng ba dumetseng ho wena.
20Le mohla ho neng ho tshollwa madi a Setefane, paki ya hao, le nna ke ne ke le teng, ka dumela polao ya hae, mme ka lebela dikobo tsa ba mmolayang.
21Yaba Morena o re ho nna: Tloha, ke tla o romela ditjhabeng hole.