Diketso
Khaolo 22:18-24
BIBELE e Halalelang
18Ka bona Morena a mpolella, a re: Phakisa o tlohe Jerusalema kapele; hobane ba ke ke ba amohela polelo eo o mpolelang ka yona.
19Ka re: Morena, ba tseba haholo hobane ke nna ya neng a kenya teronkong, a shapa le masinagogeng ba dumetseng ho wena.
20Le mohla ho neng ho tshollwa madi a Setefane, paki ya hao, le nna ke ne ke le teng, ka dumela polao ya hae, mme ka lebela dikobo tsa ba mmolayang.
21Yaba Morena o re ho nna: Tloha, ke tla o romela ditjhabeng hole.
22Ba mo mamela ho fihla polelong eo; empa jwale, ba phahamisa mantswe a bona, ba re: Motho ya jwalo a tloswe lefatsheng; hobane ha a tshwanela ho phela.
23Ba howa, ba hlobola dikobo tsa bona, ba kubisetsa lerole sebakeng.
24Yaba molaodi wa sekete o laela hore a iswe qhobosheaneng, a re, a botswe ka ho shapuwa, hore a tle a tsebe lebaka leo ba mo howellang lona.