Diketso
Khaolo 22:5-11
BIBELE e Halalelang
5kamoo le yena moprista e moholo a ka pakang kateng, le phutheho ya baholo kaofela; hobane ke ne ke nke le mangolo ho bona, ho a isa ho ba heso ba Damaseka, ka ba ka ya teng ho tlama ba thuto eo ba ahileng teng, le ho ba tlisa Jerusalema, hore ba otlwe.
6Ka re ke ntse ke tsamaya, ke se ke atametse Damaseka, ka nako ya motshehare, hang ka teelwa hare ke lesedi le leholo, le tswang lehodimong.
7Ka wela fatshe, mme ka utlwa lentswe le reng ho nna: Saule, Saule, o ntlhorisetsang na?
8Ka araba, ka re: O mang, Morena? A re ho nna: Ke nna Jesu wa Nasaretha, eo o mo hlorisang.
9Jwale, ba nang le nna le bona ba kile ba bona lesedi, mme ba le tshoha, ba mpa ba sa ka ba utlwa lentswe la ya buang le nna.
10Ka re: Morena, ke tla etsang na? Morena a re ho nna: Ema, o ye Damaseka; ke moo o tla bolellwa tsohle tseo o tshwanetseng ho di etsa.
11Mme kahobane ke ne ke sitwa ho bona ka baka la kganya ya lesedi leo, bao ke neng ke na le bona ba ntsamaisa ka letsoho, mme ka ya Damaseka.