Diketso
Khaolo 22:7-13
BIBELE e Halalelang
7Ka wela fatshe, mme ka utlwa lentswe le reng ho nna: Saule, Saule, o ntlhorisetsang na?
8Ka araba, ka re: O mang, Morena? A re ho nna: Ke nna Jesu wa Nasaretha, eo o mo hlorisang.
9Jwale, ba nang le nna le bona ba kile ba bona lesedi, mme ba le tshoha, ba mpa ba sa ka ba utlwa lentswe la ya buang le nna.
10Ka re: Morena, ke tla etsang na? Morena a re ho nna: Ema, o ye Damaseka; ke moo o tla bolellwa tsohle tseo o tshwanetseng ho di etsa.
11Mme kahobane ke ne ke sitwa ho bona ka baka la kganya ya lesedi leo, bao ke neng ke na le bona ba ntsamaisa ka letsoho, mme ka ya Damaseka.
12Teng, Ananiase, monna ya tshabang Modimo ka mokgwa wa molao, ya hlomphuwang ke Bajuda kaofela ba ahileng Damaseka,
13a tla ho nna, e ema pela ka, a mpolella, a re Saule, ngwaneso, tutuboloha. Mme ka yona nako eo ka mmona.