Diketso
Khaolo 23:21-27
BIBELE e Halalelang
21Empa wena, o se ke wa ba dumela; hobane banna ba fetang mashome a mane ba mo laletse, ba ikanne ka ho hlapanya hore ba ke ke ba eja, leha e le ho nwa, ba eso ho mmolaye; le jwale, ba se ba itokisitse, ba lebeletse karabo ya hao feela.
22Yaba molaodi wa sekete o kgutlisa mohlankana eo, a mo laela, a re: O se ke wa ba wa bolella motho hoba o ntsebisitse taba tseo.
23Eitse hobane a bitse balaodi ba babedi ba lekgolo, a re ho bona: Lokisang bahlabani ba makgolo a mabedi, le bakalli ba mashome a supileng, le ba diqha ba makgolo a mabedi, ba tle ba ye Sesarea ka hora ya boraro ya bosiu.
24Le lokise le tse kallwang, tse tla palangwa ke Pauluse, mme a iswe ho Felikse, mmusisi, a pholohile.
25A ba a ngola lengolo le reng:
26Klaude Lisiase, ho Felikse, mmusisi ya kgabane, dumela!
27Bajuda ba tshwere monna enwa, mme ha ba se ba tla mmolaya, ke fihlile le bahlabani, ka ba amoha yena, ha ke utlwa hoba ke Moroma.