Diketso
Khaolo 23:23-29
BIBELE e Halalelang
23Eitse hobane a bitse balaodi ba babedi ba lekgolo, a re ho bona: Lokisang bahlabani ba makgolo a mabedi, le bakalli ba mashome a supileng, le ba diqha ba makgolo a mabedi, ba tle ba ye Sesarea ka hora ya boraro ya bosiu.
24Le lokise le tse kallwang, tse tla palangwa ke Pauluse, mme a iswe ho Felikse, mmusisi, a pholohile.
25A ba a ngola lengolo le reng:
26Klaude Lisiase, ho Felikse, mmusisi ya kgabane, dumela!
27Bajuda ba tshwere monna enwa, mme ha ba se ba tla mmolaya, ke fihlile le bahlabani, ka ba amoha yena, ha ke utlwa hoba ke Moroma.
28Mme ka ho rata ho tseba seo ba mo qosang ka sona, ke mo isitse lekgotleng la bona.
29Moo ke fihletse hoba ba mo qosa ka ditaba tsa molao wa bona, empa ho se molato ho yena o tshwanetseng lefu, leha e le mahlaahlela.