Diketso
Khaolo 23:27-33
BIBELE e Halalelang
27Bajuda ba tshwere monna enwa, mme ha ba se ba tla mmolaya, ke fihlile le bahlabani, ka ba amoha yena, ha ke utlwa hoba ke Moroma.
28Mme ka ho rata ho tseba seo ba mo qosang ka sona, ke mo isitse lekgotleng la bona.
29Moo ke fihletse hoba ba mo qosa ka ditaba tsa molao wa bona, empa ho se molato ho yena o tshwanetseng lefu, leha e le mahlaahlela.
30Jwale, erekaha ke boleletswe hoba Bajuda ba laletse monna enwa, ke mo rometse ho wena kapele, mme ke laetse baqosi ba hae hore tseo ba mo qosang ka tsona ba di bolelle wena. Dumela!
31Bahlabani ba etsa kamoo ba laetsweng kateng, ba ya le Pauluse, ba mo isa Antipatrise bosiu.
32Ka hosasane, ba tlohela Pauluse le bakalli hore ba ye le yena, mme bona ba kgutlela qhobosheaneng.
33Yare bao ha ba fihla Sesarea, ba nea mmusisi lengolo leo, ba ba ba hlahisa Pauluse pela hae.