Diketso
Khaolo 23:30-35
BIBELE e Halalelang
30Jwale, erekaha ke boleletswe hoba Bajuda ba laletse monna enwa, ke mo rometse ho wena kapele, mme ke laetse baqosi ba hae hore tseo ba mo qosang ka tsona ba di bolelle wena. Dumela!
31Bahlabani ba etsa kamoo ba laetsweng kateng, ba ya le Pauluse, ba mo isa Antipatrise bosiu.
32Ka hosasane, ba tlohela Pauluse le bakalli hore ba ye le yena, mme bona ba kgutlela qhobosheaneng.
33Yare bao ha ba fihla Sesarea, ba nea mmusisi lengolo leo, ba ba ba hlahisa Pauluse pela hae.
34Eitse hobane mmusisi a le bale, a mmotsa hoba ke wa naha efe ya Roma; ha a utlwile hoba ke wa Silisia,
35a re: Ke tla o utlwa ha baqosi ba hao ba se ba tlile. A ba a laela hore a lebelwe ka tlung ya Heroda.