Diketso
Khaolo 24:16-22
BIBELE e Halalelang
16Ke ka baka leo ke tiisang matla kamehla hore ke be le letswalo le sa nnyatseng pela Modimo le pela batho.
17Jwale, kamora dilemo tse ngata, ke tlile ho etsa dithuso le diabo setjhabeng sa heso.
18Ke moo Bajuda ba bang ba Asia ba mphihletseng tempeleng ke itlhwekisitse, e seng ka ho tsobokanya batho, leha e le ka lerata.
19Ke bona ba ka beng ba tlile ho nqosa pela hao, ha ekaba ba ne ba na le taba le nna.
20Le bona bana, a ba ke ba bolele, ha ba fihletse bokgopo bo bong ho nna mohla ke neng ke eme pela lekgotla;
21haese, ha ba ka bolela lentswe lena le le leng, leo ke le boletseng ka matla ke eme hara bona, ka re: Kajeno ke ahlolwa ke lona ka baka la tsoho ya bafu.
22Felikse, ya neng a tseba haholwanyane tsa thuto eo, hobane a utlwe taba tseo, a ba beela tsatsi le leng, a re: Etlare ha Lisiase, molaodi wa sekete, a fihlele, ke moo ke tla le ahlolela ditaba tsa lona.