Diketso
Khaolo 24:8-14
BIBELE e Halalelang
8a ba a laela banqosi ba hae ho tla pela hao. Le wena ha o mmotsisisa, o tla fihlela ho yena nnete ya ditaba kaofela tseo re mo nqosang ka tsona.
9Bajuda le bona ba emela Tertullo, ba bolela hore ditaba tseo di fela di le jwalo.
10Pauluse, eitse hobane mmusisi a mo hwehle hore a bue, a araba, a re: Erekaha ke tseba hobane ho se ho le dilemo tse ngata o busa setjhaba sena, ke moo ke ikarabelang ka tshepo e fetisang.
11O ka fumana hobane ha ho eso ho fete matsatsi a leshome le metso e mmedi ke fihlile Jerusalema ho rapela.
12Ha ba ka ba mphihlela ke fetolana le motho tempeleng, leha e le ho tsobokanya batho masinagogeng, leha e le motseng.
13Hape ba ka sitwa le ho tiisa ditaba tseo ba nqosang ka tsona jwale.
14Seo nka ipolelang ho wena ka sona, ke sena: Haele thuto eo ba reng ke thuto e kgelohileng, ke fela ke sebeletsa Modimo wa bontate ka yona, ke ntse ke dumela ditaba tsohle tsa molao le tse ngodilweng baporofeteng.