Diketso
Khaolo 25:20-26
BIBELE e Halalelang
20Mme erekaha ke ne ke tsietswa ke ditaba tseo, ka mmotsa hore na ha a rate ho ya Jerusalema ho ya ahlolwa hodima taba tseo teng.
21Empa Pauluse o ipeile ho morena e moholo, a re, taba ya hae e bolokelwe ho ahlolwa ke yena; mme jwale, ke laetse hore a lebelwe, ho fihlela mohla ke mo romelang ho Sesare.
22Yaba Agripa o re ho Festuse: Le nna, nka rata ho utlwa monna eo. Eo a re: Hosasane o tla mo utlwa.
23Ka le hlahlamang, Agripa le Berenise ba tla ba kgabile haholo. Eitse hobane ba kene kgotla le balaodi ba sekete le banna ba baholo ba motse, Pauluse a tliswa ka taelo ya Festuse.
24Yaba Festuse o re: Morena Agripa, le lona banna bohle ba nang le rona mona, le a mmona monna enwa eo bongata bohle ba Bajuda bo tlileng ho mo qosa ho nna Jerusalema, leha e le mona, ba howa, ba re, ha a tshwanela a ka phela.
25Haele nna, ha ke se ke fihletse hore ha a ka a etsa letho le tshwanetseng lefu, le yena ha a se a ipeile ho morena e moholo, ke ahlotse ho mo romela ho yena.
26Empa ke sa hlokile taba e tiileng, eo nka e ngollang morena; ke ka baka leo ke mo tlisitseng pela lona, haholoholo pela hao, morena Agripa, hore ha ho se ho botsisitswe taba ya hae, ke tsebe seo nka se ngolang bakeng sa hae.