Diketso
Khaolo 26:2-8
BIBELE e Halalelang
2Morena Agripa, ke re ke lehlohonolo ha ke tla ikarabela kajeno pela hao, hodima tsohle tseo Bajuda ba nqosang ka tsona;
3haholo kahobane o tseba mekgwa yohle ya Bajuda, le ditaba tsohle tse tsekwang hara bona; ke a o rapela ke hona, ke re, o nkutlwe ka sebete.
4Haele tsa bophelo ba ka, haesale le botjheng ba ka, kahobane ke bo phetse hara setjhaba sa heso, hona hae, Jerusalema, Bajuda kaofela ba di tseba.
5Erekaha e le kgale ba ntseba, ha ba rata ho bolela nnete, ba ka bolela hobane ke phetse ka mokgwa wa bafarisi oo e leng wona mokgwa o nepehileng ka ho fetisa thutong ya rona.
6Mme jwale ke eme mona, ke tle ke ahlolwe ka baka la ho tshepa pallo e baletsweng bontata rona ke Modimo,
7eo meloko ya rona e leshome le metso e mmedi e lebeletseng ho etsahala ha yona, e ntse e sebeletsa Modimo, bosiu le motshehare; ke ka baka la tshepo eo, morena Agripa, ke qoswang ke Bajuda.
8Hleka le re, ke ntho e ke keng ya ba ya dumeleha ho rona, hoba Modimo o tsosa bafu na?