Diketso
Khaolo 26:21-27
BIBELE e Halalelang
21Ke tsona ditaba tseo Bajuda ba ntshwereng ka baka la tsona tempeleng, tseo ba batlileng ho mpolaya ka baka la tsona.
22Empa ka hobane ke bone thuso ho Modimo, ke tiiseditse ho fihlela la kajeno ho bolella ba banyenyane le ba baholo, mme ha ke a ka ka bolela ditaba tse ding, haese tseo Moshe le baporofeta ba itseng, di tla hlaha;
23kamoo ho itsweng kateng, Kreste o tla bolawa, e be yena ya tsohang pele bafung, a tle a bolele lesedi ho setjhaba sena le ho ditjhaba tse ding.
24A re a sa ikarabela ka taba tseo, Festuse a phahamisa lentswe, a re ho yena: O a hlanya, Pauluse, tsebo e kgolo ya hao e o fetohetse bohlanya.
25Pauluse a mpa a re: Ha ke hlanye, Festuse ya kgabane, empa ke bolela ditaba tsa nnete le tsa hlalefo.
26Hobane le yena morena o a di tseba taba tseo, mme ke di bolela ho yena phatlalatsa, kahobane ke a kgolwa hore ha ho e nngwe ya tsona e mo siretseng; hobane ha ho letho tabeng tseo le entsweng sephiring.
27Morena Agripa, na o dumela baporofeta na? Ke a tseba hobane o a ba dumela!