Diketso
Khaolo 27:1-6
BIBELE e Halalelang
1Eitse hobane ho laelwe hore re ye Italia ka sekepe, ba neela Pauluse le batlamuwa ba bang ho molaodi e mong wa lekgolo, ya bitswang Juliuse, wa lekgotla la Augusto.
2Ra kena sekepeng sa Adramite, se neng se tla leba nqa mabopong a Asia, ra tloha, re ena le Aristarke wa Thesalonika, motse wa Masedonia.
3Hosasane, ra fihla Sidone, mme Juliuse a etsa Pauluse hantle, a mo dumella ho ya bona metswalle ya hae, hore a baballwe ke yona.
4Yare ha re tlohile teng, ra sika le sehlekehleke sa Sipera, kahobane sekepe se ne se hanelwa ke moya.
5Eitse hobane re tshele lewatle la Silisia le la Pamfilia, ra fihla Mira, e leng motse wa Lisia.
6Molaodi wa lekgolo a fihlela teng sekepe sa Aleksandria se yang Italia, mme a re kenya ho sona.