Diketso
Khaolo 27:17-23
BIBELE e Halalelang
17Eitse hobane ba se hule, ba eketsa ka ho thusa ka ho hong, ba tlama sekepe katlase; mme kahobane ba ne ba tshaba ho kgarameletswa Sirte, ba kokobetsa masela, ba ineela moya jwalo.
18Hosasane, ha re ntse re tsokotswa hampe ke sefefo, ba qala ho lahlela diphahlo lewatleng.
19Ka la boraro, ra lahlela mesebetsi ya sekepe lewatleng ka matsoho a rona.
20Mme kahobane letsatsi le se le sa bonahale ka ditshiu tse ngata, leha e le dinaledi, le hobane sefefo le sona se ne se ntse se befile, ra lahlehelwa ke tshepo yohle ya ho pholoha.
21Erekaha e ne e se e le kgale ho sa jewe, Pauluse a ema hara bona, a re: Efela, banna, hoja la ntumela, le se ke la tloha Kreta, tshenyeho le tahleho ena e ka be e sa ka ya hlaha.
22Empa jwale, ke a le kgothatsa hore le bete dipelo; hobane ha ho e mong hara lona ya tla lahlehelwa ke bophelo ba hae, ke sekepe feela se tla timela.
23Hobane lengeloi la Modimo, oo ke leng wa wona, oo ke o sebeletsang, le itlhahisitse ho nna bosiung bona,