Diketso
Khaolo 27:3-9
BIBELE e Halalelang
3Hosasane, ra fihla Sidone, mme Juliuse a etsa Pauluse hantle, a mo dumella ho ya bona metswalle ya hae, hore a baballwe ke yona.
4Yare ha re tlohile teng, ra sika le sehlekehleke sa Sipera, kahobane sekepe se ne se hanelwa ke moya.
5Eitse hobane re tshele lewatle la Silisia le la Pamfilia, ra fihla Mira, e leng motse wa Lisia.
6Molaodi wa lekgolo a fihlela teng sekepe sa Aleksandria se yang Italia, mme a re kenya ho sona.
7Hobane re tsamaye ka ho nokoloha ka matsatsi a mangatanyana, ra fihla kathata mabapa le Genida, mme ra pota Kreta ka tlase, ka nqa Salmone, kahobane moya o ne o re thibela.
8Eitse ha re ntse re sika le lebopo kathata, ra fihla moo lebitso la teng e leng Kou-e-ntle, haufi le motse wa Lasea.
9Jwale, kahobane matsatsi a mangata a ne a se a fetile, le ho tsamaya lewatleng ho se ho tshabeha, etswe kgwedi ya ho itima dijo e ne e se e shwele, Pauluse a ba eletsa,