Diketso
Khaolo 27:33-39
BIBELE e Halalelang
33Yare ha bo tla sa, Pauluse a ba kgothatsa kaofela ho ja dijo, a re: Kajeno ke letsatsi la leshome le metso e mene le lebeletse le ntse le itima dijo, le sa je letho.
34Ke a le kgothatsa, ke re, le je dijo; ke hona ho le tshwanelang hore le bolokehe; hobane ha ho le a mong ho lona ya tla lahlehelwa ke qoba leha e le nngwe ya moriri wa hlooho ya hae.
35Yare hobane a rialo, a nka bohobe, a leboha Modimo pontsheng ya bona bohle, mme ha a bo ngwathile, a qala ho ja.
36Mme bohle ba beta dipelo, ba eja dijo le bona.
37Ha ho balwa bohle ba neng ba le ka sekepeng, re ne re le batho ba makgolo a mabedi a nang le mashome a supileng a metso e tsheletseng.
38Eitse hobane ba kgore dijo, ba fokotsa sekepe ka ho lahlela koro lewatleng.
39Yare hobane ho se, ba ne ba sa tsebe lefatshe hobane ke lefe; empa ha ba tadima, ba bona kou e nang le lehlabathe, mme ba rata ho isa sekepe teng, ha ho ka etswa.