Diketso
Khaolo 27:35-41
BIBELE e Halalelang
35Yare hobane a rialo, a nka bohobe, a leboha Modimo pontsheng ya bona bohle, mme ha a bo ngwathile, a qala ho ja.
36Mme bohle ba beta dipelo, ba eja dijo le bona.
37Ha ho balwa bohle ba neng ba le ka sekepeng, re ne re le batho ba makgolo a mabedi a nang le mashome a supileng a metso e tsheletseng.
38Eitse hobane ba kgore dijo, ba fokotsa sekepe ka ho lahlela koro lewatleng.
39Yare hobane ho se, ba ne ba sa tsebe lefatshe hobane ke lefe; empa ha ba tadima, ba bona kou e nang le lehlabathe, mme ba rata ho isa sekepe teng, ha ho ka etswa.
40Yare ha ba kgaotse diankora, ba di siya lewatleng, ba ba ba lokolla mamati a kgannang sekepe; ba ntoo emisa lepheo la artimone, ba tshelela nqa lebopong.
41Ra mpa ra wela hlwahlwaneng e nang le lewatle ka nqa tse pedi, sekepe sa ba sa tshepama teng; sefuba sa sona sa tebela fatshe, sa ba sa tiya, mme lesaho la sona la robeha ke matla a maqhubu.