Diketso
Khaolo 27:9-15
BIBELE e Halalelang
9Jwale, kahobane matsatsi a mangata a ne a se a fetile, le ho tsamaya lewatleng ho se ho tshabeha, etswe kgwedi ya ho itima dijo e ne e se e shwele, Pauluse a ba eletsa,
10a re ho bona: Banna, ke a bona hobane leeto lena la sekepe le tla ba le tshenyeho le tahleho e kgolo, e seng ya phahlo le ya sekepe feela, empa e le le ya ho phela ha rona.
11Empa molaodi wa lekgolo a dumela motsamaisi wa sekepe le monga sona ho feta se bolelwang ke Pauluse.
12Mme kahobane sekepe se ne se sa tshwanela ho dula koung eo mariha, ba bangata ba phehella ho tloha teng le ho leka ho ya hlola mariha Fenikse, e leng kou ya Kreta, e lebaneng le moya wa bophirimela ba borwa le wa bophirimela ba leboya.
13Jwale, moya wa borwa ha o qala ho foka butle, ba lekanya hobane ba se ba bone seo ba se pheheletseng, mme ba tloha, ba sika le Kreta.
14Empa ho se hokae, ha tsoha teng moya wa sefefo, o bitswang Euroklidone.
15Mme kahobane sekepe se ne se nkilwe ke moya, se sitwa ho o tadima, ra se lesa sa ya le wona.