Diketso
Khaolo 28:22-28
BIBELE e Halalelang
22Leha ho le jwalo, re tshwanetse ho utlwa ho wena tseo o di hopotseng; hobane haele thuto eo, re a tseba hore e hanwa kahohle.
23Eitse hobane ba mmeele letsatsi, ba tla ho yena ba le bangata moo a dutseng teng, mme a ba bolella, a paka tsa mmuso wa Modimo ho bona, a leka ho ba kgodisa bakeng sa Jesu, a isa ka molao wa Moshe le baporofeta, a qala hosasa ho fihlela mantsiboya.
24Ba bang ba dumela se bolelwang, ba bang ba mpa ba se ke ba dumela.
25Hobane ba fapane ba tloha, Pauluse a ba boleletse taba ena e le nngwe, a re: Moya o Halalelang o boletse hantle ka molomo wa moporofeta Esaia ho bontata rona,
26wa re: Eya ho setjhaba seo, o re ho sona: Haele ho utlwa, le tla utlwa, mme le ke ke la utlwisisa; haele ho bona, le tla bona, mme le ke ke la bontshisa.
27Hobane pelo ya setjhaba seo e nonne, ditsebe tsa sona di thata ho utlwa, se tutubaditse mahlo a sona; se tle se se ke sa bona ka mahlo, sa utlwa ka ditsebe, sa utlwisisa ka pelo, sa baka, mme ke tle ke se ke ka se fodisa.
28Tsebang jwale hore poloko eo ya Modimo e romelwa ditjhabeng, mme di tla e utlwa.