Diketso
Khaolo 28:27-31
BIBELE e Halalelang
27Hobane pelo ya setjhaba seo e nonne, ditsebe tsa sona di thata ho utlwa, se tutubaditse mahlo a sona; se tle se se ke sa bona ka mahlo, sa utlwa ka ditsebe, sa utlwisisa ka pelo, sa baka, mme ke tle ke se ke ka se fodisa.
28Tsebang jwale hore poloko eo ya Modimo e romelwa ditjhabeng, mme di tla e utlwa.
29Mme eitse hobane a ba bolelle jwalo, Bajuda ba ikela, kgang e kgolo e le teng hara bona.
30Pauluse a hlola dilemo tse pedi ka tlung eo a e adimileng, a ntse a amohela bohle ba tlang ho yena.
31A nna a bolela mmuso wa Modimo, a ruta le tsa Morena Jesu Kreste ka ho tiya hohle, a se ke a thibelwa ke motho.