Diketso
Khaolo 28:7-13
BIBELE e Halalelang
7Mabapa le moo, ho ne ho le naha ya moholo wa sehlekehleke, ya bitswang Publiuse; le yena a re amohela hantle, a re nkela tlung ya hae ka matsatsi a mararo.
8Ntata Publiuse o ne a robetse fatshe, a jewa ke febere le ke ho tsholla. Pauluse a mo tjhakela, mme hobane a rapele, a mmea matsoho hodimo, a mo fodisa.
9Tseo ha di le jwalo, bohle ba sehlekehlekeng ba kulang ba tla, mme ba fodiswa.
10Ba re hlonepha ka hlompho e kgolo, mme mohla re tlohang, ba re baballa ka tseo re di hlokang.
11Kgwedi tse tharo ha di fetile, ra tsamaya ka sekepe sa Aleksandria, se neng se hlotse mariha sehlekehlekeng seo, se ena le setshwantsho sa Kastore le Polukse.
12Eitse ha re fihla Sirakuse, ra hlola matsatsi a mararo teng.
13Ha re tswa teng, ra sika le lebopo, ra ba ra fihla Regio; hosasane, moya wa borwa wa foka, mme ra fihla Puseole ka tshiu tse pedi.