Diketso
Khaolo 3:18-24
BIBELE e Halalelang
18Empa Modimo o phethile jwalo ditaba tseo o neng o di boletse pele ka melomo ya baporofeta bohle ba wona, hore Kreste o tla utlwiswa bohloko.
19Bakang ke hona, mme le sokolohe, dibe tsa lona di tle di hlakolwe,
20hore ho tle ho be ho fihle mehla ya kgatholoho ka ponahalo ya Morena, mme a rome Jesu Kreste, ya boletsweng pele ho lona,
21eo lehodimo le tshwanetseng ho ba le yena ho be ho fihle mehla ya tokiso ya dintho tsohle, eo Modimo o e boletseng ka melomo ya baporofeta ba halalelang ba wona bohle, haesale le tshimolohong.
22Hobane Moshe o fela a boleletse bontata rona, a re: Morena, Modimo wa lona, o tla le hlahisetsa moporofeta hara banababo lona, ya jwaloka nna; le mo utlwe ditabeng tsohle tseo a tla le bolella tsona.
23Mme e mong le e mong ya hanang ho utlwa moporofeta eo, o tla tloswa hara setjhaba.
24Le hona baporofeta kaofela, ho qala ka Samuele, le ba mo hlahlamileng, bohle ba buileng ba porofetile mehla ena.