Diketso
Khaolo 3:8-14
BIBELE e Halalelang
8A tlolela hodimo, a ema, a tsamaya; a ba a kena tempeleng le bona, a ntse a tsamaya, a tlola, a boka Modimo.
9Batho kaofela ba mmona a tsamaya, a boka Modimo.
10Ba mo tseba hore ke yena ya neng a dulela thuso monyakong o Motle wa tempele; mme ba tlala ho babatsa le ho makala ka se entsweng ho yena.
11Mme kahobane seritsa se fodisitsweng se ne se tshwere Petrose le Johanne ka letsoho, batho kaofela hammoho ba ba mathela mathuleng a bitswang a Salomone, ba maketse haholo.
12Petrose ha a bona hoo, a bolella setjhaba, a re: Banna ba Iseraele, le tsotelang taba eo? Le re hlabelang ka mahlo, jwaloka eka ke ka matla a rona, kapa ka borapedi ba rona re tsamaisitseng motho eo?
13Modimo wa Abrahama, wa Isaaka, le wa Jakobo, Modimo wa bontata rona, o tlotlisitse mohlanka wa wona Jesu, eo le mo neetseng Pilato, la mo latola pela hae, leha yena a ne a ahlotse ho mo lokolla.
14Le latotse Ya halalelang, Ya lokileng, mme le qetse hore le sitswe ka mmolai.